SciELO - Scientific Electronic Library Online

 
vol.72 índice de autoresíndice de materiabúsqueda de artículos
Home Pagelista alfabética de revistas  

Servicios Personalizados

Articulo

Indicadores

Links relacionados

  • En proceso de indezaciónCitado por Google
  • En proceso de indezaciónSimilares en Google

Compartir


Town and Regional Planning

versión On-line ISSN 2415-0495
versión impresa ISSN 1012-280X

Resumen

CILLIERS, Juaneé  y  VICTOR, Hestia. Kelohloko ya thero/ tokisetso ya sepakapaka bakeng sa bafumanehi Afrika Borwa: Puisano bakeng sa "thero/ tokisetso ka". Town reg. plan. (Online) [online]. 2018, vol.72, pp.29-42. ISSN 2415-0495.  http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp72i1.3.

Atikele ena e ela hloko tshitshinyo ya Thero/tokisetso ya Sepakapaka Afrika Borwa, e hlalosa diphepetso tse amanang le diphapang tse kgolo pakeng tsa dibaka tse molaong le tse seng molaong. Tsebo/theori ya toropo le setereke, hammoho le mekgwa ya "anthropology" di kopantswe hammoho atikeleng ena ka teko ya ho fana ka mokgwa o kopanetsweng ka ho fetisisa bakeng sa thero/tokisetso ya sepakapaka, ho buella taba ya ho "hlophisa hammoho le" MaAfrika Borwa a fumanehileng; e seng ho "hlophisa bakeng sa" bona. Ho sebedisa mokgwa wa boleng wa ho sheba bankakarolo, le phuputso ka tsela ya ho ya bathong ya "ethnographic", eo e ileng ya etsetswa dibakeng tsa bodulo tse seng molaong Marikana, Potchefstroom, Afrika Borwa, di thusitse ho etsa ditlhahiso tse fanang ka tsebo e nang le boleng bakeng sa ho tshehetsa mekgwa ya ho "hlophisa ka" katamelo. Lewa le letjha la baahi ba Marikana la "DIY formalisation" la ho kenya dipompo tsa setjhaba, le nkilwe jwaloka mohlala o hlakileng wa tharollo e ntle/utlwahalang la selehae, bakeng sa mathata a phano ya ditshebeletso; mme ho ngangisanwa ka ho re tharollo e ne e tlameha o elwa hloko nakong eo ho "hlophiswang le" bafumanehi. Dipatlisiso di re, ntle le phapang moelelong, mekgwa ya "ho hlophisa le" baahi e na le karolo ya bohlokwa dibakeng tsa bodulo ka bobedi: tse seng molaong le tse molaong. Ka hoo, phuputso e qaqisitse boleng ba mekgwa ya "ho hlophisa le" baahi Afrika Borwa, ho tse amanang le tikoloho -, setjhaba -, moruo- dipolotiki le dipehelo tse batsi tsa hlophiso/tokisetso.

Palabras clave : Informal areas; 'planning with'; spatial planning.

        · resumen en Inglés | Africano     · texto en Inglés     · Inglés ( pdf )

 

Creative Commons License Todo el contenido de esta revista, excepto dónde está identificado, está bajo una Licencia Creative Commons