SciELO - Scientific Electronic Library Online

 
vol.72 índice de autoresíndice de materiabúsqueda de artículos
Home Pagelista alfabética de revistas  

Servicios Personalizados

Articulo

Indicadores

Links relacionados

  • En proceso de indezaciónCitado por Google
  • En proceso de indezaciónSimilares en Google

Compartir


Town and Regional Planning

versión On-line ISSN 2415-0495
versión impresa ISSN 1012-280X

Resumen

VOSLOO, Piet. Dibaka tse bileng teng ditoropong ka mora diindasteri jwaloka dibaka tsa boithabiso le nahathote/lefella - pono ya Afrika Borwa. Town reg. plan. (Online) [online]. 2018, vol.72, pp.43-57. ISSN 2415-0495.  http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp72i1.4.

Sepheo sa atikele ena se na le dikarolo tse tharo: Ho hlahloba botjha kgopolo ya nahathote/lefella jwaloka sebaka seo batho ba ka se bonang e le karolo ya ditlhoko tsa bona tsa boithabiso. Ho fuputsa hore na dibaka tse bileng teng ka mora diindasteri di tla kgona ho phethahatsa ditlhoko tsena le ho fuputsa meralo ya molao Afrika Borwa, eo ho yona ho tsosolosa le tshebediso botjha di ka etswang. Sepheo hase ho hlahisa dithuto tsa mehlala (case study) tse nang le dintlha ka dibaka tse bileng teng ka mora diindasteri, tse lokisitsweng kapa tse ntlafaditsweng bakeng sa tshebediso e fapaneng le ya lefatshe, empa e le ho bontsha bokgoni ba dibaka tse kang tseo. Boholo ba baahi ba Afrika Borwa ba phela setoropo, mme ba na le toro/tjhebelopele e nnyane ka lebaka la ditshitiso tse itseng ya ho etela dibaka tsa tlhaho kapa nahathote/lefella le entsweng ke batho bakeng sa mabaka a fapaneng a boithabiso. Kgopolo e teng hajwale ka nahathote/lefella e hlahlojwa ka botebo le tlhoko ya ho fetola kgopolo ya rona ka nahathote/lefella di a sekasekwa. Saense ya tshebediso ya melao ya tlhaho (biophysical) le tsa setjhaba le moruo (socio-economic nature), hammoho le moralo o molaong moo teng kgonahalo ya ntlafatso ya dibaka tsa rona tse bileng teng ka mora diindasteri lefatsheng ka bophara di tlamehile ho bonwa. Di hlahlojwe bakeng sa ho bona hore na di ka kgona ho tsoswa jwaloka dibaka tsa kantle tsa boithabiso le nahathote/ lefella la motsetoropo. Ho bontshwa hore, ka tekodisiso ya dingolwa le ho hlahloba dithuto tse hlano tsa mehlala; tse hlalositseng hore dibaka tsena di kgona ho kgotsofatsa ditlhoko tsa tlhaho tsa baahi ba toropong, tsa dibaka tsa boithabiso tse kantle le dibaka kapa nahathote/lefella la tlhaho; le hoja di entswe ke batho, hape ntle le diphepetso tsa tsamaiso tse tlisitsweng ke dipehelo tsa tsamaiso ya meralo ya tshebetso ya sepakapaka toropong le melao ya Afrika Borwa.

Palabras clave : Derelict land; legislative frameworks; outdoor recreation; post-industrial urban sites; quarries; wilderness.

        · resumen en Inglés | Africano     · texto en Inglés     · Inglés ( pdf )

 

Creative Commons License Todo el contenido de esta revista, excepto dónde está identificado, está bajo una Licencia Creative Commons