SciELO - Scientific Electronic Library Online

 
vol.73 índice de autoresíndice de materiabúsqueda de artículos
Home Pagelista alfabética de revistas  

Servicios Personalizados

Articulo

Indicadores

Links relacionados

  • En proceso de indezaciónCitado por Google
  • En proceso de indezaciónSimilares en Google

Compartir


Town and Regional Planning

versión On-line ISSN 2415-0495
versión impresa ISSN 1012-280X

Resumen

CLOETE, Magdalena  y  YUSUF, Salena. Tlhatlhobo ya dibaka tsa batho bohle ka tsela ya theori thekong "Durban", Afrika Borwa. Town reg. plan. (Online) [online]. 2018, vol.73, pp.35-46. ISSN 2415-0495.  http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp73.3.

Ka hara moelelo wa qotso ya Kihato, pampiri ena e tla lekola le ho lekanyetsa boleng ba dibaka tse bulehileng tsa batho bohle Thekong "Durban", ka ho sheba kgopolotaba ya monate wa dibaka tsa batho bohle ka mehopolo e fapaneng ya bangodi ya hore ke eng se etsang sebaka se bulehileng sa batho bohle e be se lokileng. Mabaka a itseng a teng a entseng hore tshenyeho e be teng ya dibaka tse bulehileng tsa batho bohle. Ka mabitso ke: Ho kopana ha dinaha "Globalisation" le ditlamorao tsa yona, hammoho le kgethollo ya mmala Afrika Borwa. Ditheori tse tla sebediswa ho hlahloba dibaka tse bulehileg tsa batho bohle ke: "Eyes on the street" ya Jane Jacobs, e tshehetsang dibaka tse bolokehileng, "Theory of the throwntogetherness" ya Doreen Massey, e buellang/lwanelang mefutafuta ya dielemente/dikarolo tse teng dibakeng tsa batho bohle le "Democracy of public space" ya John R Parkinson, e kenyelletsang le tsela eo batho ba itlhalosang ka yona dibakeng tsa batho bohle. Dibaka tse hlahlobilweng di tla kenyelletsa bongata ba dibaka tsa batho bohle tsa Thekong "Durban" tse atlehileng le tse sa atlehang hakaalo, ho tloha ho dipaka, mabopo a mawatle, ditshimo/dirapa, sekwere le setediamo se sa dumelleng kgethollo ya mmala. Le hoja ka nako tse ding sebaka sa batho bohle se bulehileng se nkuwa jwalo ka sebaka sa boiketlo Afrika Borwa, sebaka ke tlhokeho e kgolo bakeng sa bophelo ba toropo bo nang le boleng.

Palabras clave : Durban open public spaces; sociality; thrown-togetherness; democracy of space.

        · resumen en Inglés | Africano     · texto en Inglés     · Inglés ( pdf )

 

Creative Commons License Todo el contenido de esta revista, excepto dónde está identificado, está bajo una Licencia Creative Commons