SciELO - Scientific Electronic Library Online

 
vol.74 índice de autoresíndice de materiabúsqueda de artículos
Home Pagelista alfabética de revistas  

Servicios Personalizados

Articulo

Indicadores

Links relacionados

  • En proceso de indezaciónCitado por Google
  • En proceso de indezaciónSimilares en Google

Compartir


Town and Regional Planning

versión On-line ISSN 2415-0495
versión impresa ISSN 1012-280X

Resumen

MUZOREWA, Terence  y  NYANDORO, Mark. Matsete kapa peheletso ya tjhelete ya dikhampane tsa poraefete tsa ntshetsopele ya lefatshe le kgolo ya toropo ka mora dinako tsa bokolone Ruwa (Zimbabwe), 1986-2015. Town reg. plan. (Online) [online]. 2019, vol.74, pp.51-63. ISSN 2415-0495.  http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp74i1.5.

Atikele ena e lekola ka mokgwa wa boleng, seabo sa letsete kapa peheletso ya tjhelete ya dikhampane tsa poraefete tsa ntshetsopele ya lefatshe ntshetsopeleng ya toropo ya Zimbabwe ka mora dinako tsa bokolone, ka ho qoolla, re itshetlehile toropong ya Ruwa (Ruwa Town). Toropo ena e teteaneng e tswa pele ka ho kenya batho ba poraefete ba ntshetsang lefatshe pele kgolong le katolosong ya yona. Ditoropo tsohle tse entsweng ka mora nako ya bokolone di ile tsa hlaha ho tswa ho letsete kapa peheletsong ya tjhelete ya Mmuso ka tshebediso ya Growth Point Policy. Ka ho bontsha phapang, Ruwa e ne e ikgethile, ka lebaka la hore e hlahile/thehilwe ka mokgwa wa kopanelo ya setjhaba-poraefete (public-private). Atikele ena e ngangisana ka hore, ho se be teng ha bokgoni ba mmuso ba ditjhelete (State financial capacity) ka dinako tsa ka mora bokolone, dikhampane tsa ntshetsopele di bapetse karolo ya bohlokwa ntshetsopeleng ya meralo ya motheo le ho nolofatseng ditshebeletso tsa batho. Le hoja dikhampane di ne di le bohlokwa bakeng sa ho etellapele kgolo ya toropo, ka nako tse ding di ne di hloleha ho fihlella maemo a itseng a boleng ntshetsopeleng ya meralo ya motheo toropong, e neng e batlwa ke bolaudi ba thero ya toropo. Ntle le ho hloleha hona, atikele ena e fumana hore dikhampane ka hohlehohle e ne e le disebediswa tse loketseng bakeng sa ntshetsopele ya toropo ka dinako tsa mathata a moruo naheng.

Palabras clave : Infrastructure development; postcolonial infrastructure development; private land developer companies; Ruwa; Zimbabwe.

        · resumen en Inglés | Africano     · texto en Inglés     · Inglés ( pdf )

 

Creative Commons License Todo el contenido de esta revista, excepto dónde está identificado, está bajo una Licencia Creative Commons