SciELO - Scientific Electronic Library Online

 
vol.81Scoping the nexus between climate change and water-security realities in rural South Africa índice de autoresíndice de materiabúsqueda de artículos
Home Pagelista alfabética de revistas  

Servicios Personalizados

Articulo

Indicadores

Links relacionados

  • En proceso de indezaciónCitado por Google
  • En proceso de indezaciónSimilares en Google

Compartir


Town and Regional Planning

versión On-line ISSN 2415-0495
versión impresa ISSN 1012-280X

Resumen

OLA, Akeem. Litlamorao tsa phetoho ea maemo a leholimo le maano a ho ikamahanya le mekhoa ea boipheliso ke batho ba futsanehileng ba litoropong tsa Ibadan, Nigeria. Town reg. plan. (Online) [online]. 2022, vol.81, pp.24-38. ISSN 2415-0495.  http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp81i1.3.

Joalo ka linaha tse ngata tse ntseng li tsoela pele, e 'ngoe ea liqholotso tse kholo tsa Nigeria ho nts'etsa pele moruo ke phetoho ea maemo a leholimo. Sengoliloeng sena se hlahloba litlamorao tsa phetoho ea maemo a leholimo mesebetsing ea boipheliso ea mafutsana a litoropong Ibadan, Nigeria. Ho amohela moralo oa lipatlisiso tse fapaneng, boithuto bona bo itsetlehile haholo ka lintlha tse ka sehlohong. Lenane la lipotso le hlophisitsoeng le ile la sebelisoa ho fumana lintlha tsa mantlha ho tsoa ho baahi ba 481 ba khethiloeng ho ipapisitsoe le tsebo ea bona ea morero oa litoropo, 'me ba etsang mesebetsi e fapaneng ea boipheliso. Lintlha tse bokelletsoeng li ile tsa hlahlojoa ka ho sebelisa mekhoa e hlalosang le ea lipalo. Ho ile hoa sebelisoa lenane le hlophisitoseng ho hlahloba kapa ho lekanya tsebo ea ba nkileng karolo ka phetoho ea maemo a leholimo le mekhoa ea ho ikamahanya le maemo a leholimo. Tobit Regression Model e ile ea sebelisoa ho sekaseka lintlha tse susumetsang maano a ho ikamahanya le maemo a leholimo, athe litlamorao tsa phetoho ea maemo a leholimo bophelong ba baahi li ile tsa lekanyetsoa ho sebelisoa Multinomial Logistic Regression. Liphuputso li senotse hore ba nkileng karolo ba ne ba ameha mesebetsing e fapaneng ea boipheliso, ho tloha khoebong ho ea ho basebeletsi ba sechaba. Linako tse telele tsa komello, mocheso o feteletseng, mekhoa ea lipula tse sa tsitsang le likhohola khafetsa li etsa hore ba arabetseng ba elelloe ka phetoho ea maemo a leholimo. Tsehetso e fokolang ea bareki, tlhahiso e tlaase, le ho fokotseha ha chelete e kenang e bile litla-morao tse khõlõ tsa phetoho ea maemo a leholimo mesebetsing ea boipheliso. Mehloli e fapaneng ea chelete e ne e le leano le ka sehloohong la ho ikamahanya le maemo. Ho ile ha khothaletsoa ho matlafatsa tsamaiso eat hero ea litoropo le maemo a likoluoa a amanang le boemo ba leholimo.

Palabras clave : Adaptation strategies; climate change; diversification; livelihood; rainfall pattern; sustainable development goals.

        · resumen en Inglés | Africano     · texto en Inglés     · Inglés ( pdf )

 

Creative Commons License Todo el contenido de esta revista, excepto dónde está identificado, está bajo una Licencia Creative Commons