SciELO - Scientific Electronic Library Online

 
vol.81Trends in urban planning, climate adaptation and resilience in Zanzibar, TanzaniaBuilding a food-resilient city through urban agriculture: The case of Ilorin, Nigeria índice de autoresíndice de materiabúsqueda de artículos
Home Pagelista alfabética de revistas  

Servicios Personalizados

Articulo

Indicadores

Links relacionados

  • En proceso de indezaciónCitado por Google
  • En proceso de indezaciónSimilares en Google

Compartir


Town and Regional Planning

versión On-line ISSN 2415-0495
versión impresa ISSN 1012-280X

Resumen

ODUNSI, Oluwafemi  y  ONANUGA, Margaret. Mohlala oa ho tiisetsa kapa ho mamella ketsahalo e feteletseng ea phetoho ea boemo ba leholimo: thuto e thehiloeng malapeng ka koluoa ea likhohola Nigeria. Town reg. plan. (Online) [online]. 2022, vol.81, pp.97-112. ISSN 2415-0495.  http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp81i1.8.

Liphuputso tse fapa-fapaneng li rarollotse mathata a ho mamella likhohola ha hona le khaello ea tlhahisoleseling pele ho likhohola, le tlatsetso maemong a lelapa. Ka hona boithuto bona bo fana ka mohlala oa ho bolela esale pele hore malapa a tla khona ho mamella likoluoa tsa likhohola. Phuputso ena e sebelisitse moralo oa lipatlisiso tsa bongata. Ho ile ha sebelisoa mokhoa oa tlhahlobo ea likarolo tse fapaneng ho khetha malapa a 512 ka mokhoa o sa reroang bakeng sa tsamaiso ea lipotso ka ho etsa mehlala e mengata. Lintlha li ile tsa hlahlojoa ho sebelisoa Structural Equation Modeling (SEM). Phuputso e bontsitse hore maemo a tikoloho (β1 = 0.197, p < 0.05), setsi (β2 = 0.180, p < 0.05) le a moruo (β3 = 0.529, p < 0.05) li bile le tshusumetso e ntle ka lipalo-palo ha li bapisoa le tiisetso ea likhohola tsa malapa (β4 = -0.035, p < 0.05) e bileng le tshusumetso e mpe. Ntho e ka sehloohong e bontsang hore malapa a tla khona ho mamella likoluoa tsa likhohola ke ntlha ea moruo oa sechaba. Se boleloang ke hore maemo a tlase a moruo oa kahisano a bontsa boemo bo phahameng ba bofuma bo mpefatsang matla a ho mamella likhohola. Sena se fana ka maikutlo a hore mafutsana ha a na lisebelisoa tse hlokahalang tsa moruo le marang-rang a sechaba ho thibela, ho ikamahanya kapa ho fetola tshusumetso ea koluoa ea likhohola.

Palabras clave : Climate adaptation; flood adaptation; flood resilience; socio-economic resilience; natural disaster.

        · resumen en Inglés | Africano     · texto en Inglés     · Inglés ( pdf )

 

Creative Commons License Todo el contenido de esta revista, excepto dónde está identificado, está bajo una Licencia Creative Commons