Servicios Personalizados
Articulo
Indicadores
Links relacionados
Citado por Google
Similares en Google
Compartir
Town and Regional Planning
versión On-line ISSN 2415-0495
versión impresa ISSN 1012-280X
Resumen
TSORIYO, Wendy. Kamano lipakeng tsa batho le libaka le ho kenya letsoho ntlafatsong e tsamaisoang ke sechaba profinseng ea Gauteng, Afrika Boroa. Town reg. plan. (Online) [online]. 2024, vol.84, pp.1-14. ISSN 2415-0495. http://dx.doi.org/10.38140/trp.v84i.7954.
Ha lefats'e le tobane le litaba tsa sechaba, moruo, le tikoloho, thahasello e kholo ke ho nka karolo litharollong tse tsamaisoang ke sechaba ho khothaletsa nts'etsopele ea moshoelella. Lithuto tse ling tsa lehae tsa thero ea litoropo li hloka ho bonts'a kamano e teng lipakeng tsa maqhama a maikutlo a batho le sebaka, kamano ea sebaka le ho nka karolo mererong ea ntlafatso e tsamaellanang le sechaba. Sengoliloeng sena se ikemiselitse ho eketsa tsebo lefapheng le pharaletseng la moralo oa tikoloho, moo mohopolo oa ho hokela libaka o susumetsang moralo oa libaka tsa litoropo. Sengoliloeng se hlahloba kamano lipakeng tsa batho le sebaka, le ho nka karolo ha sechaba mananeong a khannoang ke sechaba Profinseng ea Gauteng, Afrika Boroa. Sengoliloeng sena se sebelisa mokhoa oa ho etsa lipatlisiso oa lipalo, 'se kenyelelitse lintlha tsa tlhahlobo ea Gauteng City-Region Observatory's Quality of Life (QoL). Boithuto bona bo sebelisa likhokahano tsa K-means le mekhoa e meng ea mantlha ea tlhahlobo. Ele ho hlahloba ho kenya letsoho mererong ea Sechaba, lipatlsiso li ile tsa hloaea lihlopha tse 'nè tsa sechaba ho ipapisitsoe le sebaka, 'me index ea karolo e kopaneng ea baloa. Lihlopha tse hloailoeng, e leng babuelli ba sa khotsofalang, bahaelani ba ipelaetsang, batho bao e ka bang bahlohlelletsi ba sechaba ba tsoang hole kapa bao e seng ba lehae le bao e ka bang bahale ba lehae, ba bile le maemo a fapaneng a ho kenya letsoho matsapeng a khannoang ke sechaba. Sehlopha sa 'Babuelli ba sa khotsofalang' se na le monyetla o moholo kaho fetisisa oa ho nka karolo mananeong a ntlafatso ea sechaba ho feta sehlopha sa 'Baahelani ba ipelaetsang'. Lenane la bonkakarolo le kopaneng le bonts'a ha khakanyo e haufi le halofo (45.5%) ea baahi ba Profinseng ea Gauteng ba so kang ba kenya letsoho le ka mohla mererong ea ntlafatso e tsamaisoang ke sechaba. Boithuto bona bo khothaletsa hore bankakarolo ba fapaneng ba kenelle mekhoeng e matla ea meralo ea kopanelo, 'me e kenyeletsang sechaba ka kakaretso, le ho etsa liteko ka ho kenya meralo e netefatsang tekano ea lits'ebeletso tsa litoropo, kenyeletso ea setso. Mehato ena e ka susumetsa boitsebo ba sechaba, ho itsetleha ha sona libakeng, le tlamahano ea Sechaba. Tsena ke lintlha tsa bohlokoa tsa kamano ea sebaka se nang le tsusumetso e ntle ntlafatsong e tsamaisoang ke sechaba le ho fihlela lipheo tse akaretsang tsa toka le boiketlo ba sechaba.
Palabras clave : Community-driven development; participation; place attachment; Gauteng province.