Servicios Personalizados
Articulo
Indicadores
Links relacionados
Citado por Google
Similares en Google
Compartir
Town and Regional Planning
versión On-line ISSN 2415-0495
versión impresa ISSN 1012-280X
Resumen
K'OYOO, Edwin. Maano a khothaletsang le ho boloka boitsebahatso ba litoropo ka sechaba se nkang karolo nakong ea liphetoho tsa nchafatso ea litoropo: Boithuito ba Kisumu City, Kenya. Town reg. plan. (Online) [online]. 2024, vol.84, pp.29-47. ISSN 2415-0495. http://dx.doi.org/10.38140/trp.v84i.7855.
Nchafatso ea litoropo e lokela ho ikemisetsa ho ntlafatsa boitsebahatso ba tikoloho, e le ho boloka boleng bo ikhethang ba toropo. Se amehileng ka merero ea nchafatso ea litoropo ke mokhoa oa ho boloka boitsebahatso ba libaka, ka lebaka la liphetoho. Phuputsong ena, boitsebahatso ba litoropo bo nkuoa ele maikutlo a baahi mabapi le libaka tse ikhethang ho latela sebopeho, moelelo le likarolo tsa ts'ebetso tse ba thusang ho khetholla lipakeng tsa libaka. Sengoliloeng sena se fana ka maikutlo a hore ho nka karolo ha sechaba ka katleho ho bohlokoa ho tsebahatsa, ho khothaletsa le ho boloka sebopeho sa toropo mererong ea nchafatso ea litoropo. Sengoliloeng se ikemiselitse ho sisinya maano a nepahetseng a ho ntshetsa pele le ho baballa boitsebahatso ba litoropo, 'me se toboketsa ho kenya letsoho ha sechaba. Nakong ea liphuputso, ho ne ho e-na le merero e tsoelang pele le e phethiloeng ea ntlafatso ea litoropo ka har'a Motse Moholo oa Kisumu, Kenya. Mokhoa oa phuputso o ile oa etsoa ka lipuisano le liofisiri tse 'ne tsa 'Muso oa Setereke e le litsebi tsa bohlokoa. Ho ile hoa boetse hoa etsoa lipatlisiso ka ho etsa limmapa le ho nka lifoto. Tlhahlobo ea litokomane tsa polokelo e entsoe ho ipapisitsoe le litokomane tsa 'Muso oa Setereke. Boithuto bona bo senola hore Letsa la Victoria le tikoloho ea lona, lirapa tsa boikhathollo, litloaelo tsa batho lirapeng tsa boikhathollo tsa sechaba, lijo tsa lehae, tsebelisano 'moho ea sechaba, le meaho ea mmuso li kentse letsoho ho tsebahatseng sebopeho sa toropo. Boithuto bona bo phethela ka hore, molemong oa ho boloka boitsebahatso ba naha, ho lokela ho ananeloe melao le maano a tataisang nchafatso le ntlafatso ea litoropo, le matsapa a hore sechaba se kenye letsoho. Boithuto bona bo sisinya lihlomathiso tsamaisong ea taolo ea moralo ho tataisa paballo ea boitsebahatso ba naha Kisumu. Boithuto bona bo boetse bo senola kameho ea paballo ea sebopeho sa litoropo ka har'a merero ea nchafatso ea litoropo nakong ea kamora bokoloni ba Global South.
Palabras clave : Urban landscape; urban landscape identity; urban renewal; preservation; conservation; public participation; Global South.