SciELO - Scientific Electronic Library Online

 
vol.75 índice de autoresíndice de assuntospesquisa de artigos
Home Pagelista alfabética de periódicos  

Serviços Personalizados

Artigo

Indicadores

Links relacionados

  • Em processo de indexaçãoCitado por Google
  • Em processo de indexaçãoSimilares em Google

Compartilhar


Town and Regional Planning

versão On-line ISSN 2415-0495
versão impressa ISSN 1012-280X

Resumo

HAFSI, Fatma Zohra  e  CHABI, Nadia. Melaoana ea tulo ea lefatshe e kgothaletsang tshebediso e tsetsitseng mafatsheng a makeishene a baipehi: thuto ea mehlala ea lalaouia and mesguiche, Souk Ahras, Algeria. Town reg. plan. (Online) [online]. 2019, vol.75, pp.17-30. ISSN 2415-0495.  http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp75i1.4.

Lipuisano ka lefatshe li tsoela pele ho nka maemo linaheng tseo eleng hona li tsoelangpele. Ka mokhoa o tsoanang, lefatshe ke taba ea bohlokoa, e bileng e leng thata naheng ea Algeria. Mathata a lefatshe a tshoenya ka ho fetisisa metseng e sa reroang eleng ea baipehi. Toropong ea Souk Ahras, metse ea baipehi e bakiloe ke ho falla hoa batho ho tloha mahaeng ho ea litoropong. Phallo ena e qalile selemong sa 1945 'me e ntse e tsoela pele le joale. Metse ena e ahiloe masimong a potapotileng litoropo tse thehiloeng mehleng ea bokolone. Ka tloaelo ea thero ea lefatshe, baahi ba fumana mangolo a litsha pele ba ka aha le ho lula lefatsheng; empa nthleng ea metse ea baipehi, methati ena ha e lateloe. Sengoliloeng sena se lekola methati e latetsoeng moralong oa ho tlisa ntlafatso e molaong metseng ea baipehi ea "Lalaouia" le "Mesguiche" toropong ea Souk Ahras, naheng ea Algeria. Linthla tse lekoloang li kenyeletsa mabaka a susumelitseng katleho ea moralo ona. Nthla kemo ke hore mekhoa le methati e latetsoeng moralong oa Lalaouia le Mesguiche, ke setshoantsho sa methati e lateloang naheng ea Algeria ka kakaretso. Moralo ona o kenyelelitse ntlafatso ea metse ea baipehi e qalileng ka 1970, mmoho le ho etsa mangolo a molaong a litsha. Ho feta moo, sengoliloeng se bontsha hore katleho ea meralo e tjena e holima puisano e bulehileng ea bohle ba amehang, mme bohle ba lokela ho fumana lintha tsohle ka nako tsohle. Ka kakaretso, ntlafatso ea metse ena e mmeli e atlehile, kaha baahi ba fumane mangolo a litsha, mme maphelo a bona a ntlafetse. Le ha hole joalo, mekhoa le methati ea ntlafatso ha e sebelisoe ka nako ele nngoe, mme sena se baka mathata a kenyelelitseng ka hara sengoliloeng sena; mohlala ke maemo a hlobaetsang a lefatshe a tlisitsoeng ke liketsahalo tsa histori, thlokahalo ea litsebo le chelete ho tlisa ntlafatso, 'moho le likhang tse tlisoang ke bojalefa ba lefatshe.

Palavras-chave : informal urban settlements; land information; landownership; land-tenure regularisation; Souk Ahras.

        · resumo em Inglês | Africaner     · texto em Inglês     · Inglês ( pdf )

 

Creative Commons License Todo o conteúdo deste periódico, exceto onde está identificado, está licenciado sob uma Licença Creative Commons