SciELO - Scientific Electronic Library Online

 
vol.75 índice de autoresíndice de assuntospesquisa de artigos
Home Pagelista alfabética de periódicos  

Serviços Personalizados

Artigo

Indicadores

Links relacionados

  • Em processo de indexaçãoCitado por Google
  • Em processo de indexaçãoSimilares em Google

Compartilhar


Town and Regional Planning

versão On-line ISSN 2415-0495
versão impressa ISSN 1012-280X

Resumo

MTHEMBU, Anele. Menahano holima khutliso ea lefatshe ele mokhoa oa ntlafatso le kgatelopele Afrika e ka borwa. Town reg. plan. (Online) [online]. 2019, vol.75, pp.54-65. ISSN 2415-0495.  http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp75i1.7.

Naheng ea Afrika Borwa, batlalehi ba litaba babontshitse karohano lipakeng tsa batho e bakiloeng ke lipuisano mabapi le lefatshe. Ba bang ba batho ba tshohile hore Afrika Borwa e tlo tshoana le Zimbabwe, ha ba bang bona ba lebelletse liphetoho tse thabisang tse tla tlisoa ke lipuisano tsena. Lipuisano mabapi le lefatshe li sa tsoelapele le joale naheng ea Afrika Borwa, empa litla-morao tse tla tlisoa ke lipuisano tsena hali seka-sekoe ka botlalo. Ka mohlomong, naha ea Afrika Borwa e ka ithuta ho tsoa linaheng tse ling tsa Afrika e Borwa tse tssamaileng tsela ena; mohlala ke linaha tsa Zimbabwe le Namibia. Ka ho lekola lingoliloeng tse teng ka botlalo, boithuto bona bo shebisisa phetoho e teng ho lefatshe linaheng tsa Afrika Borwa, Zimbabwe le Namibia, mmoho le democrasi le ho nkuoa hoa lefatshe, ele ho hlahloba kamoo li ammeng linaha tsena ka teng. Sengoliloeng sena se boetse se etsa boithuto bo nkuoeng naheng ea Zimbabwe, bo bontshang litletlebo tse hlahisoang ke ba khahlanong le khutliso ea lefatshe ntle le matsheliso a letho, le ba sa lumeleng hore hotla ba le liphetoho ka lebaka la lipuisano tsa lefatshe. Le ha hole joalo, molao oa 2019 Expropriation Bill o fana ka thlaloso ea khutliso ea lefatshe, le matshediso a ka fanoang naheng ea Afrika Borwa, haholo o ipapisitse le Molao Theho. Ka hona, sengoliloeng sena se lekola molao oa naha ea Afrika Borwa mabapi le khutliso ea lefatshe le meralo e ka sebelisoang ho seka-sekana le taba tsa lefatshe le ho hlokahala hoa tekatekano holima lona. Ka hona, molao o nepahetseng mmoho le thero e nepahetseng ea lefatshe li ka thusa ho lokisa taba ea phetoho ea lefatshe naheng ea Afrika Borwa.

Palavras-chave : Land reform; expropriation; compensation; planning.

        · resumo em Inglês | Africaner     · texto em Inglês     · Inglês ( pdf )

 

Creative Commons License Todo o conteúdo deste periódico, exceto onde está identificado, está licenciado sob uma Licença Creative Commons