Serviços Personalizados
Artigo
Indicadores
Links relacionados
- Citado por Google
- Similares em Google
Compartilhar
Town and Regional Planning
versão On-line ISSN 2415-0495
versão impressa ISSN 1012-280X
Resumo
WAMUKAYA, Edwin e MBATHI, Musyimi. Mokhoa-moetlo ekaba 'thibelo' kapa 'thuso' ea ntshetsopele methating ealitoropo: thuto ya mehlala ea Kisumu, Kenya. Town reg. plan. (Online) [online]. 2019, vol.75, pp.77-90. ISSN 2415-0495. http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp75i1.9.
Boithuto mapabi le methati ea phano le thuo ea lefatshe haholo nakong ena ea phallo e phahameng ho tloha mahaeng ho ea litoropong bo batla bo le tlase linaheng tsa Afrika e ka Borwa, ka ho fetisisa naheng ea Kenya. Teropo ea Kisumu, e lenaneng la boraro ka boholo ha e bapisoa le litoropo tse ling tsa Kenya, e hola ka mokhoa o phahameng, o bileng o sa laoleheng. Kholo e etsahala methating ea litoropo le methating ea mahaeng, moo ba ikarabellang tshebelisong ea lefatshe ba tlisang liphetoho mapapi le tshebeliso le ntlafatso ea lefatshe. Boithuto bona bo sebelisitse mehlala e meraro e bontshang methati e fapaneng ea theho ea metse, mme sengoliloeng sena se fana ka litsebo mabapi le kamano pakeng tsa phano ea lefatshe, thuo ea lefathse le maikarabelo a lihlopha tse fapaneng tsa batho ba amehang ntlafatsong ea lefatshe. Boithuto bo bontsha hore tloaelo ea morao tjena e tlohile taolongea lefatshe ka lihlopha tsa metseng, empa batho ba se ba rata ho laola lefatshe la bona ka bo mong. Hona le thlokahalo ea ho kopanya tsamaiso ea lefatshe ka mekhoa ea moetlo le ka mekhoa ea semolao sa kajeno molemong oa ntlafatso ea lefatshe la litoropo. Ka hona, boithuto bona bo susumetsa kopano ea limmasepala le marena kapa babusi ba metse, le ho sebelisa litsebo tsa bona ho felisa mathata a teng le ho ananela melao le methati e behiloeng ke mmasepala.
Palavras-chave : Customary system; informality; land development; peri-urban; Kisumu city.