Serviços Personalizados
Artigo
Indicadores
Links relacionados
- Citado por Google
- Similares em Google
Compartilhar
Town and Regional Planning
versão On-line ISSN 2415-0495
versão impressa ISSN 1012-280X
Resumo
MUNSHIFWA, Ephraim Kabunda. Khanyetso ea phetoho nakong ea ho hloleha hoa thero le tsamaiso: pale ea motse oa baipehi toropong ea Kitwe, Zambia. Town reg. plan. (Online) [online]. 2019, vol.75, pp.66-76. ISSN 2415-0495. http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp75i1.8.
Metse ea baipehi e tlisoa ke kho'lo ea libaka tse mabalane kapa ho se atlehe hoa tsamaiso ea ntlafatso ea litotopo. Metse ena e nkoa e senya bokhabane le botle ba litoropo tsa kajeno, 'me hona ho susumetsa baetapele ho lohotha ho senya metse ena ea baipehi, kapa hona ho leleka baahi ba eona. E meng ea metse ena e holile haholo hoo ho bang thata ho e senya kapa ho leleka baahi ba eona, mme qetelong baetapele ba e ntlafatsa, 'me kahona eba metse e tsepameng litoropong tse ngata selikalikoeng se ka Borwa. Potso ea manthla ea boithuto bona e bile hore na ke eng e susumetsang metse ea baipehi ho hola le ha hona le litshoso tsa ho e senya? Karabo e fumanoeng ke hore baahi ba metse ena ba na le bokgoni ba ho fetola khanyetso. Ke hore, ha baahi ba loanela ho se lelekoe, ba sebelisa melao e teng ea lefatshe, mme sena se thusa hore metse ea bona ebe le seriti. Ka lebaka lena, ha nako e ntse e ea, maemo a metse ea baipehi a fetoha. Boithuto bona bo entsoe motseng oa baipehi oa Mindolo, toropong ea Kitwe, molemong oa ho lekola lisusumetso tse tlisang motheo, kopa-kopano le kgolo ea metse ea baipehi.
Palavras-chave : Adaptive; resistance; informal settlements; planning; Zambia.