SciELO - Scientific Electronic Library Online

 
vol.77Structuring South Africa's national economic space: A regional corridor network model approach índice de autoresíndice de assuntospesquisa de artigos
Home Pagelista alfabética de periódicos  

Serviços Personalizados

Artigo

Indicadores

Links relacionados

  • Em processo de indexaçãoCitado por Google
  • Em processo de indexaçãoSimilares em Google

Compartilhar


Town and Regional Planning

versão On-line ISSN 2415-0495
versão impressa ISSN 1012-280X

Resumo

SINXADI, Lindelwa; AWUZIE, Bankole  e  CAMPBELL, Maléne. Maikutlo a banka-karolo ba fapaneng mabapi le mekhoa ea ho sebetsana le ketsahalo ea kenello ea libaka tsa boikhathollo ba sechaba litoropong: Temohiso ea Freedom square, Bloemfontein. Town reg. plan. (Online) [online]. 2020, vol.77, pp.137-148. ISSN 2415-0495.  http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp77i1.10.

Lipatlisiso tse 'maloa li ithutile ketsahalo ea ho fela hoa libaka tsa boikhathollo ba sechaba litoropong tsa Afrika Boroa. Leha ho le joalo, ho bile le thlokomelo ea hore boithuto bo joalo bo lekola litoropo ke kholo tse tsoetseng pele, ha litoropo tse nyane tsona li sa fuoe tekolo e kalo-kalo. Ntle le moo, liphetho tse tsoang liphuputsong tsena li hlahisitsoe ke maikutlo a baemeli ba mekhatlo ea meralo kapa baemeli ba sechaba se amanang le ho kenelloa hoa libaka tsa boikhathollo. Sena se fana ka maikutlo a ho ba sieo ha tsebelisano 'moho le bankakarolo ba mekhahlelo e meng ea batho ba amehang tabeng ena. Sengoloa sena se kenya letsoho ho koaleng likheo tsena tse hlokometsoeng ka ho hlohlelletsa maikutlo a bankakarolo ba fapaneng ketsahalong ea ho kenelloa ha libaka tsa boikhathollo ba sechaba litoropong tse kholo, ho sebelisoa mohlala oa motse-moholo oa Mangaung. Ka ts'ebeliso ea moralo oa lipatlisiso oa thuto ea boleng, lintlha li ile tsa bokelloa ka lipuisano tse hlophisitsoeng hantle le lipuisano tsa lihlopha tse khethiloeng. Banka-karolo ba khetiloe ka kotloloho ho tsoa lefapheng la meralo la Masepala oa Mangaung le litho tsa sechaba tse lulang lekeisheneng la Freedom Square, Bloemfontein. Lintlha li ile tsa hlahlojoa ho sebelisoa mokhoa oa tlhahlobo-sehloho. Linthla tsa bohlokoa tsesusumetsang ketsahalo ena li kenyelletsa maemo a tlase a ho bala le ho ngola, maemo a tlase a ho nka karolo ha baahi litabeng tsa ho rala, le ho hloleha ha meralo ho sebetsana le likhohlano tsa boleng metseng. Liphetho tse tsoang boithutong bona li kenya letsoho phuputsong e pharalletseng e batlang ho nts'etsapele moralo oa libaka se bulehileng tsa boikhatollo litoropong le moralo oa taolo ho thibela liketsahalo tsa ho kenelloa hoa libaka tsena litoropong tse kholo. Ka lebaka leo, liphuputso tsa boithuto bona li na le moelelo o sebetsang ho bankakarolo ba meralo ba ikemiselitseng ho thibela ketsahalo ea tsenyo le kenello ea libaka tse bulehileng tsa boikhathollo makeisheneng a Afrika Boroa.

Palavras-chave : Bloemfontein; encroachment; sustainable neighbourhoods; urban public open space.

        · resumo em Inglês | Africaner     · texto em Inglês     · Inglês ( pdf )

 

Creative Commons License Todo o conteúdo deste periódico, exceto onde está identificado, está licenciado sob uma Licença Creative Commons