Serviços Personalizados
Artigo
Indicadores
Links relacionados
Citado por Google
Similares em Google
Compartilhar
Town and Regional Planning
versão On-line ISSN 2415-0495
versão impressa ISSN 1012-280X
Resumo
ENOGUANBHOR, Evidence et al. Tekolo ea ts'ebeliso e nepahetseng ea libaka tse ts'oauoeng tsa tikoloho ka har'a merero ea tsebeliso ea mobu: Boithuto ba Abuja, Nigeria. Town reg. plan. (Online) [online]. 2024, vol.84, pp.58-71. ISSN 2415-0495. http://dx.doi.org/10.38140/trp.v84i.7985.
Ho bohlokoa ho sireletsa libaka tsa tikoloho tse hlokometsoeng joalo ka masimo a arotsoeng bakeng sa meaho ea litoropo le libaka tsa polokelo ea meru, molemong oa lits'ebeletso tsa tikoloho, moruo, sechaba le setso. Leha ho le joalo, libaka tse joalo li tlokotsing ka lebaka la ts'ebeliso ea batho ka ho fapana, ho akarelletsa le matla a naha a litoropong. Ka hona, boithuto bona bo ikemiselitse ho sebelisa mekhoa e bonts'ang maemo a tikoloho esale pele, le ho lekola litlamorao tse ka bang teng nakong e tlang litoropong tse sa tsotelleng tikoloho ho ts'ehetsa mantlha a Leano la Tekolo ea Tikoloho bakeng sa moralo le leano la ntlafatso ea litoropo le libaka. Boithuto bona bo sebelisitse Geographic Information Systems, limmapa tse seng li ntse li le teng tsa ts'ebeliso ea mobu, merero ea ts'ebeliso ea mobu, mohlala o netefalitsoeng oa ts'ebeliso ea mobu, le mekhoa e meng ea maemo ho bolela esale pele maemo a kamoso a lefats'e litoropong ka mohlala oa Markov. Ho sebelisitsoe maikutlo a litsebi a ipapisitseng le mokhoa oa boholo ba tsusumetso ea tikoloho le kutloelo-bohloko ea eona, ele ho hlalosa bohlokoa ba phello ea tikoloho. Ka ho etsa joalo, boholo ba tsusumetso ea tikoloho sebakeng se amehileng sa tikoloho bo arotsoe ka bo tlaase haholo (> 0% <5%), bo tlaase (>5% <10%), bo mahareng (>10% <15%), bo holimo (> 15% <20%), le bo holimo ka ho fetisisa (>20%). Liphuputso li fumane tsusumetso e kholo le e seng ea bohlokoa ea tikoloho litoropong haholo-holo libakeng tse hlokometsoeng tse amanang le litloahelo le maemo a mang. Molemo oa tlhahisoleseling e tsoang phuputsong ena ke ho tshehetsa ba etsang liqeto ho sebetsana le mathata a amanang le tshebetso ea Tekolo ea Tikoloho le moralo oa tshebeliso ea mobu Afrika e ka borwa ho Sahara le likarolong tse ling.
Palavras-chave : Strategic actions; sustainable regional planning; strategic environmental assessment; adjusted urban land scenario; environmental impact magnitude; environmental impact significance.